Dumella mabota ho etsa puisano le barutwana ba hao!

Leka ho nka leeto mehopolong ya hao, mme o tsepamise maikutlo a hao makgetlong kaofela ao o nnileng wa etela ngaka. Hopola botebo ba bohloko bo neng bo o qositse ho etela ngaka, ho farasa ha maikutlo a hao le takatso ya ho shwa nakwana e le hore bohloko bona bo thethefale kapa hona ho fela. Ana o ka dumela hore phetoho ya bohloko e bileng teng nako eo o kenang fela ka phaphosi ya ngaka, le pele ngaka e ka o tshwara, e ne e bakilwe ke boemo ba phaphosi eo ka sebele?

Dumella mabota ho etsa puisano le barutwana ba hao!

This article can also be read in English.

Leka ho nka leeto mehopolong ya hao, mme o tsepamise maikutlo a hao makgetlong kaofela ao o nnileng wa etela ngaka.  Hopola botebo ba bohloko bo neng bo o qositse ho etela ngaka, ho farasa ha maikutlo a hao le takatso ya ho shwa nakwana e le hore bohloko bona bo thethefale kapa hona ho fela.  Ana o ka dumela hore phetoho ya bohloko e bileng teng nako eo o kenang fela ka phaphosi ya ngaka, le pele ngaka e ka o tshwara, e ne e bakilwe ke boemo ba phaphosi eo ka sebele? Monko wa meriana, pono ya ditshwantsho tsa meriana mmoho le sebopeho sa tse ding tsa dikarolo tsa motho, dipeiti le dinalete, tsena tsohle tse o fang kgodiso ya hore jwale o fehlile tulong e nepahetseng, tulong e tlo fedisa matshwenyeho a hao, bohloko le ho babelwa ho renang mmeleng wa hao! Na e be…?

Ho lekoleng ha ka barutwana nakong eo ba ntseng ba ngola teko ya sehloho, sehleng se tswa feta, ho ile ha nqobella ho fihlella mehopolo ya mofuta ona.  Sekolong seo ke rutang ho sona, bana ha ba ngolle hlahlobo kapa teko ya sehloho phaphosing e le nngwe.  Tsela ya rona ya ho beha bana e hlophisitswe ka tsela yeo ngwana a ngolang hlahlobo kaofela diphaphosing tse fapaneng.  Lebabaka la tlhophiso ena ke ho leka ho tlisa ho kopisana ha bana ka tlasa taolo.   Sena se ama le rona matitjhere, tje ka balaodi kapa balekodi ba ho ngolwa ha hlahlobo.  Ke mona he, moo ke ileng ka fumana monyetla wa ho dula dihora tse pedi ho isa ho tse tharo diphaphosing tsa basebetsi-mmoho.  Seo ke ileng ka se fumana diphaphosing tsena se sisimosa maikutlo.  Mabota a tsotseng, ao ho se nang ke re le ha e le fela pampitshana e bontshang hore ena ke kamore ya rutela.  Ditshila tse paketseng fulurung, letlapa-ngolo le paketseng tjhoko le phoshwana ya teng ya dikgwedi-kgwedi, dikhabote tse paketseng lerole la nako eo nke keng ka e lekanya, dipampiri le dibuka tsa kgale, ke tjho tsohle tse ka o hweletsang hore o pepetlolotsehe ho tswa phaphosing eo, di ne di fumaneha.

Maemo ana a bosula, ao nna tje ka molaodi, le bana ba ngollang ka phaphosing tsena, re iphumaneng ka hara ona, a ile a nqobella ho rwala dieta tsa bana ba rutelwang letsatsi le leng le leng phaphosing tsena.  Dipotso di ngata tse ileng tsa fapakana maikutlong a ka.  Ka ipotsa hore re ka lebella jwang tjantjello ya ho ruteha baneng, ha ebe ba kgahlanyetswa letsatsi le letsatsi ke maemo a mofuta o tjee?  Ha ke ntse ke tebisa maikutlo a ka, ka hlokomela hore tsohle tsa motheo tse kileng tsa tsejwa di hlohlelletsa lenyora la thuto baneng, di furalletswe.  Ka utlwa bohloko bo tebileng ka ba ka utlwisisa puo e seng e dula e le ntlheng ya maleme a bohle ba kgathallang thuto, e reng re lokela ke ho kgutlela motheong, moo thuto e kileng ya e ba thuto (Getting back to basics).  Hona hwa ba ha nkgopotsa diforomo tsa kgale tseo titjhere e neng e hlahlojwa ka tsona (ET/481-forms) ke kenyeletsa le tsona tsa mehleng ena tsa yona IQMS, (performance standard 1) tse buang ka maemo a phaphosi. Maikutlong ona ao a bosula a neng a rena kelellong ya ka ha ke ntse ke nyolosa ke theosa pakeng tsa ditulo tsa bana ba ntseng ba ngola, ka ipotsa hore ho etsahetseng ka mohopolo o kileng wa re betla rona mesuwe, o neng o re: “ha mabota a bue le bana, ha tsohle tse ka phaphosing ya borutelo di leotse lenyora la ngwana la ho ithuta.”

Nakong tse fetileng ho ne ho sa hlokahale hore o botse hore titjhere e ruta thuto e feng, ha o ne o kena phaphosing ya hae fela, tsohle tse mo potapotileng di ne di re thuto, di re bala.  Le jwale, ke sa na le tumelo ya hore maemo ao a sa ntse a na le tshusumetso ho kgothaletseng bana ho bala le ho ruteha.  Ke kgolwa hore bohle ha re kena moo ho jellwang, ha se resepe kapa bona boqhetseke ba sephehi bo tlatsang mathe lehano ho lokisetsa dijo, empa ke tsela eo ho lokiseditsweng ho ja ha rona tulong ena le monko wa dijo tse tla etsang hore di hlabosehe. Tatso ya tsona, e mpa e tlatseletsa se neng se se se qadilwe. Ho jwalo fela ka thuto ya bana, pele ba ka e amohela, re lokela ke ho leotsa tlala ya ho ruteha ka hare ho bona mme ha seo se etsahetse, ha ho se ka sitisang kamohelo ya THUTO.

This article can also be read in English.

, ,

No comments yet.

Leave a Reply

Leave your opinion here. Please be nice. Your Email address will be kept private.

Switch to our mobile site